- Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.
- Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.
Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. - Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.
- Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.
- Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.
- Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.
- Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.
- Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.
- Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Lefase
Le se ke la...
Sebe
Kapa na ha le...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Temana ya Bibele ya lehono
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.Temana ya go latela!