DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

TITE

  • Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.
  • Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
  • A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
  • Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.
  • Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona, a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.

Temana ya Bibele ya lehono

Ba se nang moneketsela,
Modimo o ba fa bodulo,
o boela o busetsa
batshwaruwa boiketlong,
athe bahanyetsi
ba sala mahalaopeng.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela