DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Lerato

  • Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.
  • Etsang tsohle ka lerato.
  • Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,
    ke o tsebe e sa le hoseng,
    hobane ke o tshepile;
    mpontshe tsela
    eo nka tsamayang ka yona,
    hobane ke o rapela
    ka moya wa ka wohle.
  • Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.
  • Eba le lerato, o be le botshepehi,
    molaleng wa hao o itlame ka tsona;
    o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
    O tla ratwa ke Modimo le batho,
    o iketsetse lebitso mahlong a bona.
  • Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.
    Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
  • Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.
  • Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.
  • Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.
  • Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.
  • Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
  • Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.
  • Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.
  • Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.
  • Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.
  • “Na mosadi a ka lebala lesea
    leo a le anyesang,
    a se ka hauhela ngwana
    wa popelo ya hae?
    Leha yena a ka lebala,
    nna ha nka ke ka o lebala!”
    Bona! ke ngotse bitso la hao
    kahara diatla tsa ka,
    marako a hao
    ke ntse ke a bona kamehla.
  • Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.
  • Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
  • Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.
  • Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.
  • Mpee fubeng sa hao
    jwaloka setempe,
    jwaloka lesekana
    nthwale tsohong la hao,
    hoba matla a lerato
    a tshwana le a lefu,
    sehloho sa lefufa
    se tshwana le sa lebitla.
    Lerato le tuka sa kganare
    e tlola ditlhase,
    jwaloka tetema e laima malakabe!
  • Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.
  • Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.
  • Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
    o hlompheha mahlong a ka,
    hobane ke o rata,
    ke tla fana ka batho
    bakeng sa hao,
    ke fane ka ditjhaba
    bakeng sa bophelo ba hao.
  • Empa jwalokaha ho ngotswe,
    “Tseo leihlo le sa kang la di bona,
    tsebe e sa kang ya di utlwa,
    le kelello ya motho
    e sa kang ya di lekanya,
    ke tsona tseo Modimo
    a di lokiseditseng ba mo ratang.”

Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Empa nna Modimo o a nthusa,
Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela