Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Setlabelo
- A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
- Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
- Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
- O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka. - Tshepa Morena
ka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle. - Kamehla
ke ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa. - O matlafatsa ba tepeletseng,
ba kgathetseng
o ba tsosa molota. - Mohlankana a ka hlwekisa
metsamao ya hae jwang?
Ka ho hahela lentswe la hao lesaka. - Ho fihlela boqhekung ba lona
ha ke eso fetohe,
ke tla nne ke le pepe
ho fihlela le eba bo-raputswe.
Ke nna ya le bopileng,
mme ke tla nne ke le sike,
ke tla nne ke le pepe,
ke le namolele. - Morena Modimo ke yena
ya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba. - Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
- Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
- Empa nna Modimo o a nthusa,
Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka. - Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
- Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Maatla
O se ke wa...
Go ikanya
Hoba ke nna Morena...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Kereke
A re hlokomelaneng, mme...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Bophelo
Morena o tla o...
Temana ya Bibele ya lehono
Empa nna Modimo o a nthusa,Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.Temana ya go latela!