DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (January 2020)

Friday, January 31, 2020

Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

Thursday, January 30, 2020

Motho o itherela tsela ya hae,
empa ke Morena ya mo tataisang.

Wednesday, January 29, 2020

Mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.

Tuesday, January 28, 2020

Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo.

Monday, January 27, 2020

Oho, Modimo, ako bope ka ho nna,
o bope pelo e hlwekileng,
o kenye moya o motjha, o tiileng,
o o kenye ka sefubeng sa ka.

Sunday, January 26, 2020

Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.

Saturday, January 25, 2020

Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.

Friday, January 24, 2020

Jwalokaha motho
a ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.

Thursday, January 23, 2020

Hobane ho ngotswe, ho thwe:
“Ke hlapanya ka nna,
ho rialo Morena,
mangwele wohle
a tla nkgumamela,
mme maleme wohle
a tla tlotlisa Modimo.”

Wednesday, January 22, 2020

Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.

Tuesday, January 21, 2020

Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.

Monday, January 20, 2020

Lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.

Sunday, January 19, 2020

Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.

Saturday, January 18, 2020

Ya ipatlelang bohlale
o rata bophelo ba hae,
ya nang le kelello,
katleho ke ya hae.

Friday, January 17, 2020

Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.

Thursday, January 16, 2020

Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.

Wednesday, January 15, 2020

Ke tla ithoballa ka kgotso,
ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.

Tuesday, January 14, 2020

Le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’

Monday, January 13, 2020

Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.

Sunday, January 12, 2020

Ke rorisa Modimo,
hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?

Saturday, January 11, 2020

Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.

Friday, January 10, 2020

Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.

Thursday, January 9, 2020

Morena o hloile motho
ya buang leshano,
empa ya buang nnete
yena o a mo thabisa.

Wednesday, January 8, 2020

Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.

Tuesday, January 7, 2020

Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.

Monday, January 6, 2020

Morena o rata ho loka,
mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa.

Sunday, January 5, 2020

Empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.

Saturday, January 4, 2020

Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.

Friday, January 3, 2020

Ke Morena ya fanang ka bohlale,
tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.

Thursday, January 2, 2020

Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.

Wednesday, January 1, 2020

Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.

Temana ya Bibele ya lehono

Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela