DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAEFESE

  • Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.
  • Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.
  • Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
  • Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.
  • Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
  • Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
  • Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
  • Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.
  • Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
  • Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.

Temana ya Bibele ya lehono

Empa nna Modimo o a nthusa,
Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela